O se ke wa nyahama, ho kgothatsa Moruti Matefu Mokoena

Ho na le dinako tseo ka tsona re fihlelwang ke maikutlo a ho nyahama. Mme ha sena se etsahala re be re batla ho nyahlatsa tsohle le ho tella sa mo tella ruri.

Re fihlelwa ke nako eo ka yona re ipotsang hore molemo ke ofe wa hore re etse sena kapa sane. Re ipotsa hore molemo wa ho rapela ke ofe ha e le mona re sa bone diphethoho maphelong a rona. Re ipotsa le hore molemo ke ofe wa honna re ntse re etsa dikopo tsa mesebetsi ha e le mona re sa hlodise le hlodisa kahara interview.

Re ipotsa hape hore molemo wa ho rapela ke ofe ha e le mona re sa fole. Re ipotsa le hore molemo wa ho nehela le ho ntsha dilopotsiya ke ofe ha e le mona re sa atlehe, re ntse re hula ka thata.

Ho ka nna ha etsahala hore o na le maikutlo ana kelellong ya hao hona jwale mme o batla ho ngala le ho phutha matsoho o tlohelle tsohle, o emele feela letsatsi la hao la lefu.

Empa ke re ho wena  o se ke wa nyahama. Ke o kgothatsa ka mantswe a Bibeleng ho buka ya 2 Dikronike 15:7 a reng: “Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.”

Ha re ke re shebe tse ding tsa disosa tsa ho nyahama:

  • Sesosa sa pele sa ho nyahama ke leeto leo re le tsamayang mahareng a tshepiso le ho phethahala ha tshepiso

Ho bile le leeto la dilemo tse 40 pakeng tsa Eqepeta le Kanana ho setjhaba sa Israele. Pele ba fihla lefatsheng la pallo ba ile ba tlameha ho nka leoto le potolohang dilemo-lemo. Hona moo ba bang ba ile ba nyahama, ba kgena, ba lakatsa ho kgutlela Egepeta. Ba halefela Moshe ka ho ba ntsha Egepeta ho tla ba sotla felleng. Empa qetellong ba ile ba fihla Kanana.

Athe ha e le Abrahama yena o ile a tshepiswa hore o tla etswa setjhaba se seholo a se na ngwana. Empa botsofading ba hae Modimo a mo hlohonofatsa ka ngwana.

Ha tshepiso e dieha ho phethahala e tlisa ho nyahama le ho tela sa mo tella ruri. Se nyahame. Dintho di tla etsahala.

O ne o tshepile hore ha o qeta University o tla fumana mosebetsi, empa ho fetile dilemo tse hlano jwale ho sa etsahale letho. Se nyahame le ha ho le jwalo.

  • Sesosa sa bobedi sa ho nyahama ke sekgeo se bang teng pakeng tsa thapelo le karabo

Ka nako tse ding Modimo ha o arabe dithapelo tsa rona hang-hang. Ha re batla karabo hona jwale ebe Modimo o ya ikgutsetsa. A thole a re tu!

E re ke o netefaletse ngwaneso hore Modimo o utlwile. O ile a netefaletsa Daniele hore thapelo ya hae e utlwahetse tsatsing la pele feela leo a qadileng ho rapela ka lona (Daniele 10:12). Modimo o utlwa le ho arabela thapelo.

Ho Luka 18 Morena Jesu o re bolella ka setshwantso sa hore re se ke ra kgathala ke ho rapela. Temana ya pele hona moo ho Luka 18 e re:  “Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!”

  • Sesosa sa boraro sa ho nyahama ke ha ho sa etsahale letho maphelong a rona

Ha o fumane mosebetsi. Ha o fumane lenyalo. Ha o fole. Tjhelete e ya kena e ya tswa. Ha o bone o sebeletsang. Dintho di hana ho kopana. Ha o tswe mathateng.

  • Sesosa sa bone sa ho nyahama ke ha re sa bone tsela ya ho tswa maemo kapa boemong boo re leng ho bona

O iphumane o le kahara tebetebe ya bofuma, tebetebe ya dikoloto, tebetebe ya mahlomola le masisapelo. O wela ke bohloko kamora bohloko. O se o ipona o le jwaloka Jobo ya ileng a welwa ke tsietsi kamora tsietsi. Empa kamora tseo Modimo o ile a hlohonolofatsa Jobo ho menahane habedi (Jobo 42:10).

  • Sesosa sa bohlano sa ho nyahama ke ho iphumana o eme le monna wa mateneng

Ho bohloko ho hloka mang wee! Ho tlisa ho hlora. O iphumana o eme le monna wa mateneng. Haholo jwang ha batho bao o neng o ba tshepile ba o hlanohela. Ba o furalla. Ba o lebala.

Ka nako tse ding o lebalwa le ke batho bao o kileng wa ba molemo ho bona. Wa ema le bona, wa lla le bona, wa ba kgothatsa, wa ba rapella, wa tlisa thabo ho bona. Ba bang wa ba nna wa ba tshehetsa le ka dithuso tsa ditjhelete kapa thepa ya hao. Kajeno ba o siile o le feela. Empa tseba hore Modimo yena o na le wena. A ke ke a o furalla. Ho se ho se hokae o se a ya iponahatsa ho wena. Tiya matla.

  • Sesosa sa botshelela sa ho nyahama ke ho itjheba le ho ikamohela o se bohlokwa

Ha o ipone o le bohlokwa. O nahana hore wena o ntho feela kapa o mothwana feela. O tshaba le ho ntsha maikutlo a hao kapa keletso ya hao hobane o hopola hore o ke ke wa mamelwa ho tla mamelwa ba betere ho feta wena.

Leha o le kahara batho o ipona o nyatseha. O tshaba le ho bua. Leha o na le mantswe a bohlale a ka thusang ba bang o tshaba ho a ntsha.

Ha hona motho ya bohlokwa jwaleka wena. Modimo o bopile senatla seo e leng wena o se ke wa inyatsa o se ke wa inyenyefatsa (Pesalema 139:12-17)

  • Sesosa sa bosupa sa ho nyahama ke ha ho se na motho ya o kgathallang

Hore o etsa hantle ha kae. O iteka ha kae. O atleha ha kae. Ha ho mang ya kgathallang. Ekaba mosebetsing, kerekeng, hae kapa mokgatlong wa hao. E kaka ha o etsa letho.

Empa se kgathale ke ho etsa hantle. Tsatsing la hao la ho hopolwa le se le le haufi.

  • Sesosa sa borebedi sa ho nyahama ke dipuo tse nyenyefatsang le tse kgellang motho fatshe

Bakeng sa ho o fumana dikgothatso le thapelo le mantswe a teboho, o fumana mantswe a o kgakgathang. O fumana dikobiso. O fumana ditlhapa le dithohako. O ya kgeswa. O ya hlapaolwa. Feela o se ke wa dumella dipuo di o robe moya le maikutlo. Ba buang bue. Wena tswela pele ka tseo o di etsang.

  • Sesosa sa borobong sa ho nyahama ke ho hloleha ha o leka ho etsa ntho e itseng.

Ha o ile wa hloleha. Se nyahame.  Leka hape. Rapela hape. Kopa hape. Kokota hape. Hobane moputso o tla ba teng.

KGOTHALA!